*COD & Shipping Charges may apply on certain items.
Review final details at checkout.
About The Book
Description
Author
Bukana ea MEJAMETALANA e fana ka totobalo botlalo ba liketsahalo tse etelletseng motheo oa MASERU ho ba motse-moholo oa LESOTHO la kajeno. E thoholisa likamano tsa baahi ba motse mehleng ea puso ea balichaba. Ka hona e leka ho hlabolla sesosa sa lipherekano tse tetebelitseng sechaba sa BASOTHO se neng se hlonepheha har'a meloko ea Afrika-Boroa. Bukana e ngotsoe ka SESOTHO se senang motsoako ke moahi oa khale oa Thibella ea tsebileng Maseru joaloka seatla sa letsoho. O hahlautse linaheng tse ngata tsa Afrika tsa Europa le tsa Amerika moo a ithutileng maphelo a mehlobo emeng. Bukana ena e lokela barutoana ba likolo le babali ba thabelang puo ea Sesotho. Ba ratang ho utloisisa mojaro o imetseng Lesotho ho itokolla bofumeng ba tla thonaka mabaka a entseng Lesotho khamelo e lutlang leha matla a Basotho a thusitse ho nontsá naha ea Afrika-Boroa.